HIV ke sephedi se bakang AIDS. HIV e fumanwa mading le marong a mang a mmele (haholoholo a botona, marong a ntshuwang ke botshehadi, le lebese la letswele) la batho ba tshwaeditsweng ke vaerase.
AIDS ke lefu le bakwang ke tshwaetso e tswetseng pele ya HIV. Le hlaha ha boitshireletso (masole a mmele) ba motho bo fokotse ka baka la tshwaetso ya HIV, e sitisang bokgoni ba mmele ba tlhaho ba ho itwanela tshwaetsong tse ding le mafung a mang. AIDS ha se lefu le le leng, empa ke lebitso le fuweng mefuta e mengata e fapaneng ya mafu ao batho ba ka a fumanang (jwalo ka TB le nyumonia).
Tshwaetso ya HIV e ka hasana ka madi le ka maro a mang a mmele (haholoholo lero la botona, maro a tswang botshehading, le lebese la letswele) a batho ba nang le tshwaetso. O ke ke wa kgona ho bolela hore motho o tshwaeditswe ke HIV ka ho mo sheba feela. Yona e ka fetiswa ka:
Ho kopana ka tsa thobalano (haholoholo ka thobalano e sa sireletsehang e kenyelletsang botshehadi kapa ka morao). Ho fetiswa ka thobalano e kenyelletsang molomo ho ka ba teng, empa kotsi ya hoo e nyenyane haholo;
Madi le ka maro a mang a mmele:
ho fumana madi ao ho fanwang ka ona a batho ba nang le tshwaetso kapa dihlahiswa tsa madi tse nang le tshwaetso le/kapa ho kenyelletswa setho sa mmele sa motho ya tshwaeditsweng;
ho sebedisa disebediswa tse nang le tshwaetso tsa ho phunya letlalo (dinalete, dipeiti, mahare, dinalete tsa di-tatoo, disebediswa tsa lebollong);
ka ho lematswa ke dinalete tse nang le tshwaetso kapa dintho tse ding tse bohale;
ho haswa ka madi a nang le tshwaetso kapa maro a mang a mmele ho di-mucous membrane (tse jwalo ka mahlo);
ho fetiswa ho tswa ho mme ho ya leseeng ka nako ya boimana, ho beleha kapa ho nyantsha.
O ke ke wa fumana HIV ka
Ho phedisana ka tlwaelo le batho ba bang;
Ho sebedisa diaparo mmoho le motho e mong;
Ho thetsa;
Ho arolelana dijo, ho sebedisa dijana mmoho, kapa disebediswa tsa ho jella;
Ho aka;
Ho tshwarana ka matsoho;
Ditulo tsa ntlwaneng;
Ho longwa ke dikokonyana;
Ho pikitla motho e mong;
Dikeledi, mathe, mofufutso;
Ho phela kapa ho sebetsa le motho ya tshwaeditsweng ke HI
Dintho tse ka bang le kotsi ya tshwaetso ya HI
Boitshwaro bo bong bo beha batho kotsing ya ho kenwa ke HIV. Dintho tse ka sehloohong tse ka bakang kotsi ya HIV di kenyelletsa boitshwaro le mabaka a mang a jwalo ka:
Ho ba le thobalano e sa bolokehang;
Ho ba le thobalano le balekane ba fetang ya mong kapa le molekane ya nang kapa ya neng a na le balekane ba fetang ya mong, kapa ya sebedisang kapa ya neng a sebedisa dithethefatsi tsa IV;
Ho fuwa madi kapa kalafo ka madi kapa dihlahiswa tsa madi tse tshwaeditsweng;
Ho etsa tattoo kapa ho phunya ka sesebediswa se nang le tshwaetso;
Ho ba le mosebetsi (o jwalo ka wa mosebeletsi wa tlhokomelo ya bophelo) o ho behang kotsing ya ho se sireletseha kgahlanong le madi kapa maro a mmele.
Ho ba le lefu le fetiswang ka thobalano (STD) hape ho eketsa kotsi ya ho fetisa kapa ho kenwa ke HIV. Mohlala, di-STD tse bakang diso di hlola sebaka seo vaerase e ka kenang ka sona mading le mmeleng.
Mehato ya ho fokotsa kotsi ya ho kenwa ke HI
Sebedisa dikhondomo tsa latex kapa tsa polyurethane nako le nako ha le ba le thobalano;
Sebedisang dikhondomo tsa basadi kapa tsa banna mmoho le mokgwa oo le ikgethetseng ona wa thibelo ya peleho;
Fokotsa palo ya balekane bao o bang le thobalano le bona;
Qoba ho sebedisa dinalete, dithethefatsi tsa IV le sethethefatsi sa paraphernalia mmoho le batho ba bang;
Qoba ho ba le thobalano le balekane ba nang le boitshwaro bo ka ho behang kotsing;
Qoba ho sebedisa disebediswa tsa ho phunya letlalo tse sa bolawang mahloko;
Basebeletsi ba tlhokomelo ya bophelo ba lokela ho nka mehato ya tlhokomelo ka mehla.
E ka ba batho ba 40 miliyone lefatsheng lohle ba tshwaeditsweng ke HIV mme ba ka hodimo ho ba 5-miliyone ba bona ba mona Afrika Borwa. Ho lekanyetswa hore ka la 1 Phupu 2002 ho ne ho ena le batho ba etsang 6.5 miliyone mona Afrika Borwa ba phelang ba na le HIV/AIDS. Ho ba 6.5 miliyone ho lekanyetswa hore basadi ba nang le bokgoni ba ho beleha ba ka bang 3.2 miliyone (ba dilemo tse pakeng tsa 15-49) ba ne ba phela ba na le HIV/AIDS. Sehlopha sena se ile sa etsa halofo (49.5%) ya bohle ba tshwaeditsweng.
Dihlopheng tsohle tsa batho ba baholo ho bile le basadi ba fetang banna ba phelang ba na le HIV/AIDS. Tekanyo ya bong ha ya phethahala hara batjha ba dilemo tse 15-24 moo ho bileng le haufi le basadi ba bane ba tshwaeditsweng ho bapiswa le monna ka mong ya motjha ya tshwaeditsweng.
Ke ka baka lang basadi ba leng kotsing?
Basadi ba kotsing ka tlasa mabaka ana a latelang:
Mabaka a kenyelletsa sebopeho sa mmele ? basadi ka ho ya ka sebopeho sa mmele ya bona ba kotsing e kgolo ya ho kenwa ke HIV ho ena le banna ka mekgwa ya ya thobalano le batho ba bong bo fapaneng le ba bona. Ho se lekalekane hwa bong ho eketsa ho se sireletsehe tshwaetsong ya HIV ho basadi le banna ka bobedi. Banna ha ba kotsing haholo ya tshwaetso ho ena le basadi, mme ke bona ba bohehang ba fetisa tshwaetso ya HIV haholo ho ena le basadi. Peto e ka eketsa ka ho toba kotsi ya hore basadi le banana ba kenwe ke HIV hobane peto hangata ha e etsahale tlasa maemo ao ho ona ho ka sebediswang khondomo. Bosoro ba peto bo hlahisa kotsi e hodimo haholo ya ho lematsa ditho tsa bong le ho tswa madi (mme hona ho eketsa tshwaetso ya HIV). Tabeng ya ho betwa ke sehlopha sa batho teng ho se sireletseha bafutuheding bao ba bangata ho beha motho kotsing e kgolo ya tshwaetso.
Mabaka a moruo ? le leng la mabaka a maholo a eketsang sekgahla sa tshwaetso ya HIV hara basadi ke seabo sa ho ba ka tlasa taolo ya banna ba bona e leng ntho tse etsahalang malapeng le bophelong ba setjhaba. Ho itshetleha ha basadi ho banna ka ditjhelete, ho kenyelletsang le maemo a hodimo a bona a bofutsana le kgaello ya ho fumana menyetla le mehlodi ya thuso, ho ba le kabelo mokgweng wa hore ba se ke ba sireletseha tshwaetsong ya HIV/AIDS. Lebaka la hona ke hore banna ba tlohela tshehetso eo ya bona ya ditjhelete ha basadi ba hana ho etsa seo bona ba se batlang. Basadi ba futsanehileng ke bona ba leng kotsing e kgolo ho ena le basadi ba bang ba leng maemong a mang, mme hona ho bakwa ke kgaello ya ditjhelete.
Mabaka a kahisano ? bong bo fumanwe e le e nngwe ya dintho tsa bohlokwa e kenyang letsoho ho be teng ha HIV/AIDS ka bongata mme bo behilwe molato bakeng sa sewa sa HIV/AIDS dinaheng tse ngata tsa sub-Saharan Africa. Banna ba nang le balekane ba bangata le bona ba bonwa e le bona ba eketsang kotsi ya tshwaetso ya HIV. Basadi ba ba kotsing ya ho tshwaetswa ke balekane ba bona hobane ha ba na matla a ho rerisana ka tsa thobalano e bolokehileng le bona mme ka hoo ba ba kotsing ya ho tshwaetswa le ka peto. Dikgoka tse sebediswang kgahlanong le basadi mona Afrika Borwa di a eketseha mme ho lekangwa hore mosadi ya mong o a betwa metsotswaneng e meng le emeng e 83. Le ha bao ba pholohileng petong nakong e fetileng ba ile ba tobana le kgonahalo ya boimana le mafu a tshwaetsang ka thobalano, jwale hape ba se ba ba kotsing ya ho tshwaetswa ke HIV/AIDS. Phapang ditlwaelong tsa kahisano mabapi le banana le basadi ke ho ameha ha bokgoni ba basadi ba ho laola boemo ba bona ba tsa thobalano e be ba ba kotsing ya dikgoka tse tsamayang ka bong le thobalano ka qobello.
Le ha ho le jwalo, mosadi a ke ke a qobellwa ho ntsha mpa hobane feela a na le HIV. Mosadi ha a hloke tumello ya monna wa hao hore a ntshe mpa. Ngwanana ya dilemo tse ka tlase ho tse 18 a ka ntsha mpa ntle le tumello kapa tsebo ya batswadi ba hae. Mosadi ya nang le HIV/AIDS a ke ke a kwalwa peleho ha a sa batle.
Dilwantshamahloko tsa di anti-retroviral tse fuwang bomme ba baimana ba nang le HIV pele ba beleha di theosa kotsi ya ho fetisetsa HIV ngwaneng (tshwaetso e tswang ho mme e ya leseeng). Lekgotla la Molao wa motheo le entse qeto ya hore mmuso wa naha o lokela ho etsa bonnete ba hore baimana bohle ba fumana dithethefatsi tse tla thibela tshwaetso ya HIV e fetiswang ho tswa ho mme ho ya leseeng.
Ke monahano o atileng wa hore seabo sa bong mmoho le meetlo ke tsona tse behang basadi kotsing e kgolo ya ho kenwa ke HIV/AIDS ho tswa balekaneng ba bona.
Bana ba belehuweng ke bomme ba nang le tshwaetso ya HIV ba ka kenwa ke HIV ka nako ya boimana, ho itokisetsa ho beleha, ho beleha le ka nako eo ba nyantshang. Hobane HIV e ka fetiswa hape le la lebese la letswele, bomme ba nang le HIV ba eletswa hore ba se ke ba nyantsha bana ba bona ba sa tswa belehwa.
HIV/AIDS le bong mmoho le dintwa tse theilweng hodima bong
HIV/AIDS e ama basadi ka ho fapana hape hampe haholo ho feta banna ka baka la ho se lekalekane ha bong. Bong bo ka nkuwa e le mosebetsi wa kahisano le wa setso o fapanyang basadi ho banna mme o hlalosa ditsela tseo ka tsona basadi le banna ba bang le dikamahano pakeng tsa bona. Seabo sena mmoho le ditebello di ya ithutwa mme di ka fetoha ha nako e ntse e ya, athe hape di ka fapana pakeng tsa ditso.
Bong hape ke setso se itseng mme ho na le diphapang tse bonahalang ho seo basadi le banna ba ka di etsang le tseo ba ke keng ba di etsa setsong se le seng ha ho bapiswa le se seng.
Melao e mmalwa ya setso mmoho le ditlwaelo tsa lebatoweng la Afrika e ka Borwa hangata di tshehetsa motho wa monna e be di kgetholla basadi. Ka baka leo, basadi ba kotsing e kgolo ya ho kenwa ke HIV hobane ha ba na ditjhelete tse lekaneng mmoho le matla kahisanong jwalo banna, ka hoo ho ba boima hore basadi ba itshireletse hore ba se ke ba kenwa ke HIV.
Peto le dintwa kgahlanong le basadi
Peto e sebediswa jwalo ka sebetsa kapa thulusu ya tlhaselo ya basadi ke banna;
Ntho e nngwe eo e seng ya nnete mona Afrika Borwa, e eketsang peto, ke ya hore ho ba le thobalano le mosadi ya sa ntsaneng e le kgarebe ho ka phekola AIDS. Hona ho ba le sephetho sa ho hasana HIV/AIDS hampe haholo basading ba leng boemong bona;
Babeti hape ba hlasela le banana ba sa leng batjha ka mohopolo wa hore ha ba be le thobalano haholo ka hoo e ka nna ba ha ba na HIV kapa AIDS;
Dintwa tsa malapeng tse leng kgahlanong le basadi di kenyelletsa tlhekefetso ya mmeleng le moyeng. Mahlatsipa a mangata a dintwa tsa malapeng ke basadi le bana;
Basadi ba sotlwang ka tlhekefetso hangata ha ba kgone ho laola dikamano tsa bona athe hape ha ba kgone le ho batla thobalano e bolokehileng. Hona ho ba beha kotsing e kgolo ya ho fumana HIV. Molao wa Dintwa tsa Malapeng o sireletsa basadi ka ho ba neha tsela e potlakileng ya ho etsa kopo ya taelo ya tshireletso ho thibela balekane ba bona hore ba se ke ba ba hlekefetsa. Peto lenyalong ke ho ba le thobalano kgahlanong le thato ya mosadi eo o mo nyetseng. Mosadi a ka tshwarisa monna wa hae bakeng sa peto tlasa Molao wa Dintwa tsa Malapeng.
Moralo wa Molao mmoho le wa leano
DITOKOMANE TSA MATJHABA TSE KGOTHALETSANG DITOKELO TSA BASADI MABAPI LE TSHEKAMELO YA BONA YA TSA THOBALANO
Seboka sa Phediso ya Mefuta yohle ya Kgethollo Kgahlanong le Basadi (CEDAW)
Kgothaletso e akaretsang ya No. 15 (kopano ya borobong, 1990);
DITOKOMANE TSA LEBATOWA TSE KGOTHALETSANG DITOKELO TSA BASADI MABAPI LE TSHEKAMELO YA BONA YA TSA THOBALANO
Tjhata ya Afrika e mabapi le Ditokelo tsa Botho le tsa Batho;
Prothokholo ya Tjhata ya Afrika e mabapi le Ditokelo tsa Botho le tsa Batho malebana le ditokelo tsa Basadi Afrika;
Phatlalatso ya Baahi ya Ntshetsopele ya Afrika e ka Borwa mabapi le Bong le Ntshetsopele, 1997;
MELAO YA AFRIKA BORWA LE DINYEWE TSE MABAPI LE TSHEKAMELO YA TSA THOBALANO LE BONG
Molao wa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 108 wa 1996 (Molao wa Motheo);
